Loan (Maize) 											Sesotho



Kadimo – seo o se batlang le se batlwang ke mokgatlo o adimanang ka tjhelete?



Instructions: 

Folio strap: Tsamaiso ya kgwebo

Byline: Jenny Mathews, modulasetulo wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi



Kaofela ha rona re tshwanela ho adima tjhelete ka nako e itseng – haholoholo kgwebong ya temo matsatsing ana. Nnete ke hore ho batla ho sa kgonahale ho tsamaisa kgwebo ntle le ho sebedisa tjhelete e adimilweng. Phephetso ke ho se adime tjhelete eo kgwebo ya hao e ka sitwang ho e kgutlisa hape! 



Hopola, ha o adima tjhelete e ngata, mme o nka nako e telele ho kgutlisa sekoloto, ditshenyehelo tsa kadimo eo eba tse phahameng. Kadimo e nngwe le e nngwe ya tjhelete e na le dikarolo tse pedi:	

Tswala – Hona ke sekgahla seo motho a se lefiswang mabapi le tjhelete eo a e adimilweng. Hangata sekgahla sena se hlahella e le peresente ya selemo ya tjhelete e adimilweng. Sekgahla hangata ha se a ema nqa e le nngwe, mme se ka nna sa fetoha ka baka la maano a infoleishene kapa a mmuso.

Tjhelete – Ena ke yona tjhelete eo hantlentle ho adimanweng ka yona mabapi le sepheo se itseng se hlalositsweng moralong wa kgwebo.

 

Mohlala A:

Kadimo ya nako e mahareng ya R100 000.00 e lokelang ho kgutliswa nakong ya lemo tse hlano ka tswala ya 10% e tla shebahala tjena:



Selemo
 
Tswala ranteng
 
Tjhelete e kolotwang
 
Tjhelete ya ranta tse tswileng 
 
Ditefello kaofela tse lefilweng
 

 
1
 
10 000
 
100 000
 
20 000
 
30 000
 

 
2
 
8 000
 
80 000
 
20 000
 
28 000
 

 
3
 
6 000
 
60 000
 
20 000
 
26 000
 

 
4
 
4 000
 
40 000
 
20 000
 
24 000
 

 
5
 
2 000
 
20 000
 
20 000
 
22 000
 

 

 

 

 

 
130 000
 

 




Mohlala B:

Kadimo yona eo dilemong tse 10 e tla ema tjena:

Selemo
 
Tswala ranteng
 
Tjhelete e kolotwang
 
Tjhelete ya ranta tse tswileng
 
Ditefello kaofela tse lefilweng
 

 
1
 
10 000
 
100 000
 
10 000
 
20 000
 

 
2
 
9 000
 
90 000
 
10 000
 
19 000
 

 
3
 
8 000
 
80 000
 
10 000
 
18 000
 

 
4
 
7 000
 
70 000
 
10 000
 
17 000
 

 
5
 
6 000
 
60 000
 
10 000
 
16 000
 

 
6
 
5 000
 
50 000
 
10 000
 
15 000
 

 
7
 
4 000
 
40 000
 
10 000
 
14 000
 

 
8
 
3 000
 
30 000
 
10 000
 
13 000
 

 
9
 
2 000
 
20 000
 
10 000
 
12 000
 

 
 10
 
1 000
 
10 000
 
10 000
 
11 000
 

 
 
 
 
 
 
 
 
 
155000
 

 


Kadimo ya dilemo tse hlano ya R100 000 kaofela e jele R130 000, mme kadimo ya dilemo tse 10 ya R100 000 e jele R155 000. Ho hlakile hore motho o tla ba le ditshenyehelo tsa R24 000 ka hodimo ha a adima R100 000, mme a eketsa ka dilemo tse ding hape tse 5. 







Dintlha tsa sehlooho tseo mokgatlo o adimanang ka tjhelete o di hlokang

Dintlha tsa sehlooho tse batlwang ke banka kapa mokgatlo o adimanang ka tjhelete pele ho ka ananelwa kopo ya hao ya tjhelete ke tsena:

Moralo wa kgwebo

Hangata meralo ya kgwebo ka ho otloloha e shebane le ho fumana tjhelete mabapi le kgwebo. Moralo wa hao o tla kenyelletsa lenane la tseo o di phehelletseng, tseo o tla simolla ka tsona, le tjhelete ya tsona ho bontsha hore o ile wa hlahloba ka moo kgwebo ya hao e tla kenya tjhelete ka teng, le ka moo e tla tswela pele ka teng ka kadimo eo ya tjhelete nakong e tlang. Moralo o tshwanetse ho bonthsa ka ho hlaka ka moo o tla bopa kgwebo le ho e tsamaisa ka teng, mme sena se tshwanetse ho totobatswa ka mokgwa o tla hapa maikutlo le tshepo ho ba lebelletsweng ho adimana ka tjhelete. Taba ya hore o na le bokgoni le yona e lokela ho hlahella.

Ho phalla ha tjhelete

Ho phalla ha tjhelete ho bonthsa ho phalla ha tjhelete e kenang akhaontong ya hao hammoho le ditshenyehelo tse lefshwang di etswa akhaontong eo. Sena se etsa hore ba adimanang ka tjhelete ba bone hore ke kgweding dife moo tjhelete e kenang le hore ditefello tsa hao tsa tjhelete ya kadimo di tla ba le sekgahla sefe tjheleteng e kenang. Ho boetse ho bohlokwa haholo hore o fane ka tlhaloso yohle ho ya ka diakhaonto tsa hao – le ha eba diakhaonto tseo di le dibankeng/mekgatlong e fapaneng. Ke mofuta o mong wa boshodu ho etsa kopo ya kadimo ya tjhelete o sa pepese maemo ohle a hao a ditjhelete. 

Ho ikamahanya le Molao 34 wa 2005 wa Naha wa Tumello ya Sekoloto

Dibanka ha di a dumellwa ho adimana ka tjhelete ho motho ya ka nnang a hloleha ho lefa sekoloto sa hae. Sena se tshireletsa banka le yena ya adingwang tjhelete. Ha o hloleha ho lefa tjhelete eo o e adimilweng, sena se beha ka mosing nalane ya hao ya kadimo ya tjhelete, mme o ka nna wa phatlalatswa o le motho ya kotsi, ya sa lokeleng ho adingwa tjhelete (blacklisted). Ha ho motho ya ratang ho ba le ntho e jwalo rekotong ya hae, haholoholo ha o tseba hore nakong e tlang o ka nna wa tshwanela ho adima tjhelete hape! Mehato ena ya tshireletso ke yona eo hantlentle e ileng ya “tshireletsa” dibanka Afrika Borwa nakong ya ho putlama ha moruo ka 2009. Dinaha tse ngata lefatsheng di ile tsa lahlehelwa ke dibilione hobane batho ba ile ba iphumana ba hloleha ho lefa tjhelete ya kadimo. Molao wa Naha wa Sekoloto o moo ka sepheo sa ho thibela batho ho sebedisa tjhelete eo ba se nang yona. O moo ho thusa dibanka hore di laole sekoloto se seholohadi seo naha ena e nang le sona, le ho kgina kadimiso e bohlaswa e ka etswang ke dibanka.



Dikeletso tse ding tsa bohlokwa

Ho bohlokwa hore balemi le bomanejara ba sebedise batho ba profeshene ba ka ba eletsang mabapi le ditaba tse ikgethileng tse mabapi le ditjhelete tse shebaneng le thuso ya mapolasi a bona, e leng batho ba utlwisisang taba tsena tse rarahaneng tsa thuso tsa ditjhelete mapolasing. Ho ke ke ha lebellwa hore balemi ba tseba tsohle mabapi le ditaba tsena tsa sethekgenike, tsa ditjhelete, tse ka thusang tsamaisong ya ditaba tsa ditjhelete tsa mapolasi a bona.

 

Ho bohlokwa hore jwalo ka banna bohle ba kgwebo ba adimang tjhelete, balemi le bona ba bontshe hore ha nako e ntse e tsamaya le bona ke batho ba tshepahalang. Haeba ho ka ba teng ho dieha ho itseng mabapi le tefo ya molato, sena se tshwanetse ho tshohlwa kapele le ba adimaneng ka tjhelete e le hore ditlhophiso di etswe.



Matsete afe le afe a etswang ka tjhelete e adimilweng ka mehla e batla e le taba e bolelang hore molemi ntle le tikatiko o kena tshebetsong ka sepheo sa hore a tle a fumane kuno e itseng ka moso. Molemi o tshwanetse ho ipotsa potso ya hore na o na le bonnete ba hore matsete a hae a tla atleha ho mo fa ditholwana tse ntle tseo a di lebelletseng na. Ka ho qolleha, mabapi le ho jala poone sehleng se setjha seo a yang ho sona, ho tla hlokahala hore a shebisise taba tsa hae hantle ka hloko ho bona haeba ho le molemo ho jala poone nakong ya jwale ho ya ka ditheko tsa jwale tsa mmaraka le boemo ba ditshenyehelo. Ha ho bohlale ba letho ho eketsa bothata hodima mathata a mang a jwale ka ho etsa tlhahiso e fetang tekano jwalo ka ha e le boemo ba ditaba kajeno hobane sena se ka nna sa bolela hore re ipeha ka mosing wa ditheko tse putlamang ho ya pele – haholoholo ha re ena le sejothollo se setle sa 2010 - 2011. Hape ha se kelello e ntle ya kgwebo ho adima tjhelete mabapi le mehato e kotsi e kang ena.

 

Qetelo

Ditaba tsa ditjhelete di rarahane, mme ha se ka mehla ntlha e monate ka ho fetisisa ya ho tsamaisa kgwebo. Balemi ba bangata ba bona ho le molemo ho lokisa terekere mane ka ntle ho ena le ho dula tafoleng moo ba sebetsanang le calculator. Le ha ho le jwalo, ho nyahlatsa dintlha tsohle tsa tsamaiso ya ditjhelete ho ka nna ha bolela hore haufinyana ho ke ke ha eba teng terekere e lokiswang le yona polasi e ka sebetswang! Balemi ba tshwanetse ho ba le setshwantsho se hlakileng sa boemo ba bona ba ditjhelete ka nako tsohle, mme ba se ke ba tsilatsila ho hira ditsebi neng kapa neng ha ho hlokahala.

